E ja mejo e 5 ya ditholwana le meroho letsatsi le letsatsi!
Pale ya Divithamine
Sepinitjhi ditapole letlalo le phetseng hantle
Asparagus tshebediso ya phepo e ntle
Lettuce tshehetso ya pono e tlwaelehileng ditapole
Pale ya Faeba
O lokela ho ja pakeng tsa 30 le 40g ya faeba ka letsatsi
Fomula ya hao ya ho nwa metsi:
boima ba hao bo nkuwa ho yuniti e haufi ya 10 (nearest 10)
arola ka 10
o kenye 2
Hona ke palo ya dikgalase tsohle tsa metsi ka letsatsi mohlala: 87kg = dikgale tse 10 tsa metsi
Tse qhibidihang:
Di theosa boemo ba kholesterole
Faeba e qhibidihang e diehisa ho ntshwa ha ho ka mpeng, mme ka hoo e eketsa maikutlo a ho tlala ? molemo bakeng sa bao ba itimang dijo
Tse sa qhibidihang ka Metsing:
Di bohlokwa bakeng sa ho thibela le ho alafa pipitlelo
Haebe phetoho e le nngwe feela eo batho ba e entseng ho mokgwa oo ba phelang ka ona e bile ya ho ja bonyane mejo e mehlano ya ditholwana le meroho letsatsi le letsatsi, sekgahla sa kankere se ne se tla theoha ka 20%.
Phepo e nang le faeba e hodimo le mafutra a tlase e ka fokotsa hona ho latelang:
Ka moo o ka lokisang ditholwana le meroho bakeng sa BOPHELO BO BOTLE
O se ke wa siya meroho e kgabetsweng e le ka metsing nako e telele ? divithamine di tla hlatsweha.
Ha o pheha meroho kapa ditholwana, o se ke wa tshela bicarbonate of soda ka ha yona e senya divithamine tsa bohlokwa.
O se ke wa pheha meroho nako e telele le ho feta, e phehe hanyenyane feela paneng e kwahetsweng.
Sebedisa metsi a manyenyane ka ho ya ka moo ho hlokehang
Poma meroho e metso ho ba dikotwana tse lekanang hore e tle e phehehe ka ho tshwana hape ka potlako. Bongata ba meroho e metso e hloka feela ho kgohlwa hanyenyane pele e ka jewa kapa ya phehwa. Ha ho hlokeha hore o e ebole, sebedisa thipa e bohale ka ha yona e ka ebola feela letlalo le lesesane.
O ka mpa wa baka meroho le ditholwana tse di na le letlalo (mohlala, ditapole, mokopu, eie, tamati, diapole le butternut).
Metsi a ka hlatswa divithamine.
Ha ho kgonahala, stima kapa o kenye ditholwana le meroho ka hara microwave ka ha mokgwa ona o tiisetsa ho bolokwa ha phepo e ntle.
Kenya meroho e meng hape (ho kenyelletswa le mahlaku a ka hodimo a dihwete le di-turnip) setjhung le ho di-casseroles
Qoba ho ebola le ho poma ho sa hlokeheng hobane phepo e ntle hangata e haufi le letlalo.
Ebola ditapole feela ha di se di butsitse hona ho etsa hore ho s ebe le tshenyo e ngata.
Hang ho ba meroho e phehwe, tsholela batho ka potlako ? qoba ho e beha e futhumetse kapa ho e futhumatsa hape.
Sebedisa metsi a ntshitsweng merohong ha e ne e phehwa bakeng sa white sauce, moro kapa sopho ka ha e tla ba le phepo e ntle.
Lokisa salad e monate hape mmala o hohelang (e nang le ditholwana le meroho e hohelang ka hodima salad ya hao).
Phehella ho e 5
Na o ne o tseba hore ho ja ditholwana le meroho e 5 ka letsatsi ke enngwe ya kgetho tsa bohlokwa tseo o ka di etsang ho hlokomela bophelo ba hao bo botle.
Lelapa la tse TALA: ke hore dikhabetjhe tse tala tse nang le makgapetla (lutein) le dierekisi, dinawa, avocado
KA MEHLA NAHANA FEELA KA ROBOTO!
Dintlha ka 5
Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle o kgothaletsa hore re je mejo e 5 kapa ka hodimo ho moo ya ditholwana le meroho ka letsatsi. 5-ka-letsatsi ke tataiso feela, mme ha ho na palo e hodimodimo.
Ho na le mabaka a mangata a ho kgetha ditholwana le meroho:
di na le calorie le mafura a TLASE
di ho LOKETSE
KA MEHLA di a fumaneha.
Na sejo ke eng?
Sejo se le seng se lekana le:
tholwana e 1 e mahareng ka boholo ya kopi ya tholwana e foreshe e ponngweng ? e entsweng dikotwana ya kopi ya meroho e phehuweng kopi e 1 ya meroho e makgapetla a matala kopi e ? ya kopi ya tholwana e foreshe kapa lero la meroho ya kopi ya tholwana tse omisitsweng ka letsatsi
Mabaka a 5
a ho ja ditholwana le meroho e mengata
Ho BONOLO ho di lokisa le ho di fepa
Ho na le kgetho tse NGATA
Ke tsona dijo tsa mantlha tse tswang ka POTLAKO
Di LATSWEHA ha monate
Di loketse BOPHELO ba hao bo Botle
Monyetla wa Dipapadi
E mong le e mong ke mofenyi ha a phehella ho tse hlano.
Ditholwana le meroho ke tsona dibeso tsa makgonthe tseo o di hlokang ka dinako tsa kgatello e hodimo.
Matsatsi a beuweng bakeng sa mosebetsi, mesebetsi ya sekolo, dihra tse telele mosebetsing ? ha ho letho le ka ho hlolang ha o ka feta ho 5-ka-Letsatsi ka mehla.
Ke tsena tse ding tsa ditsela tse potlakileng tsa ho fihlela
-Ka-Letsatsi
Hoseng:
Nwa kgalase ya lero le foreshe. Sehela tholwana e foreshe kapa o kgabele tholwana e ommeng ka motohong.
lantjhe e ja salate kapa sopho e nang le meroho kenya lettuce, di-sprout, tamati kapa apole e kgabetsweng ho sandwich ya hao
Matlafatsa disalate ka sepinithji le meroho e metala
Seneke
Nka ditholwana tse mmalwa tse omisitsweng tse jwalo ka di-apricot, di-prunes kapa feiye
Boloka meroho e metala e sehuweng ka hara sekotlolo ka forijing hore o e je neng kapa neng.
Leka ho nahana ka meroho jwalo ka karolo e kgolo ya dijo tsa hao e be o kenya nama kapa tlhapi ka hodimo.
Kenya meroho e meng dijong tsa hao, e jwalo ka broccoli ka hara pasta kapa casserole ya hao.
Sebedisa ditholwana ho kgabisa dijo tsa hao.
Etsa disalate tse monate ka ho sebedisa ditholwana le meroho.
Etsa salate e ntle e monate ya ditholwana
Hopola
Di-enzyme tse ditholwaneng le merohong e metala di thusa tshebetsong ya thuiso, ka hoo mmele wa hao o tla ba le eneji e ngata, ke hore, E JA HAHOLO DITHOLWANA LE MEROHO E METALA BAKENG SA ENEJI E EKETSEHILENG!
